Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na ha le a tshwanela ho tsebisisa hoba Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nee Davida borena ba Iseraele ka ho sa feleng, a bo nea yena le bara ba hae, ka selekane se se nang ho tlolwa na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:5
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a ntoo atamela le batho bao a nang le bona ho ya lwantsha Basiria, mme ba baleha pela hae.


Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng, hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse, ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.


Etlare mohla matsatsi a hao a phethehang a ho orohela ho bontatao, ke tla phahamisa lesika la hao kamora hao, e mong wa bara ba hao, mme ke tla tiisa mmuso wa hae.


ke mpa ke tla mmea tlung ya ka le mmusong wa ka ka ho sa feleng, mme terone ya hae e tla tiya ka ho sa feleng.


Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?


Kahobane ba hloile tsebo, ba sa ka ba ikgethela ho tshaba Jehova;


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


O di hlahise pela Jehova; baprista ba tla akgela letswai hodima tsona, ba di etse setjheso ho Jehova.


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


O tla noka ka letswai nyehelo tsohle tseo o di hlahisang; o ke ke wa lebala le ka mohla o le mong letswai la selekane sa Modimo wa hao nyehelong ya hao; o tla kenya letswai nyehelong e nngwe le e nngwe eo o e hlahisang.


Ke o nea dikabelo tsohle tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisetsa Jehova ka ho di emisa, ke re, ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao ka molao o sa feleng. Ke selekane se se nang ho kgaolwa, se sa feleng pela Jehova, se entsweng le wena le ditloholo tsa hao.


Hobane ba lebala ka boomo hoba mahodimo a ne a hlolwe kgale ke lentswe la Modimo, le hoba le lona lefatshe le ntshitswe metsing, la bolokwa hara metsi;


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


A romela ke hona, a mo hlahisa; o ne a le mokgunong, a le mahlo a matle, le ka sebopeho a le motle. Ebile Jehova o re: Tsoha, o mo tlotse, hobane ke yena eo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ