Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bana ba Iseraele ba kokobetswa jwalo mohlang oo, mme bana ba Juda ba hlola, ka baka la hobane ba ne ba itshetlehile ka Jehova, Modimo wa bontata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A itshepela Jehova, Modimo wa Iseraele; hara marena wohle a Juda a bileng teng kamorao ho yena leha e le kapele ho yena, ha ho a ka ha eba ya tshwanang le yena.


Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


Abija a phallela Jeroboame, mme a mo amoha metse e meng, e le Bethele le metsana ya teng, le Jeshana le metsana ya teng, le Efrone le metsana ya teng.


Asa a tswela ho mo kgahlanyetsa; mme ba hlopholla dintwa tsa bona sekgutlong sa Tsefata, haufi le Maresha.


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!


Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Jehova o molemo; ke setshabelo tshiung ya tlokotsi, o tseba ba mo tshepileng.


re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ