Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:17
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


bana ba Iseraele ba baleha pela Bajuda, mme Modimo wa ba neela matsohong a bona.


Bana ba Iseraele ba kokobetswa jwalo mohlang oo, mme bana ba Juda ba hlola, ka baka la hobane ba ne ba itshetlehile ka Jehova, Modimo wa bontata bona.


Ntwa ya eba teng mahareng a Abija le Jeroboame. Abija yena a futuha a ena le sera sa bahlabani ba dikete tse makgolo a mane ba kgethilweng; Jeroboame le yena a ya hlopholla ntwa ya hae ya bahlabani ba bohale ba dikete tse makgolo a robileng meno e le mmedi ba kgethilweng.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona.


Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ