Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse ha Bajuda ba reteleha, ba bona ntwa e ba tlela kapele le kamorao. Yaba ba howeletsa ho Jehova; baprista ba letsa diterompeta;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha; empa Josafate a meketsa; Jehova a mo thusa, mme Modimo wa ba hlohlelletsa hore ba mo tlohele.


Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


O ke ke wa tshaba letsoso la bosiu, leha e le motsu o bebang motshehare,


Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.


Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.


Ka lekgetlo la bosupa, ha baprista ba letsa diterompeta, Joshua a re ho setjhaba: Hlabang ditlatse, hobane Jehova o le neetse motse.


Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ