Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:12
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.


Ho yena ho na le letsoho la nama, ho rona ho na le Jehova, Modimo wa rona, ho re tlatsa le ho lwana dintwa tsa rona. Mme setjhaba sa itshepisa ka mantswe a Esekiase, morena wa Juda.


A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?


Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?


Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.


Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.


Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.


Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


O tla phopholetsa motshehare jwaloka sefofu se phopholetsang lefifing. O ke ke wa atleha ditabeng tsa hao. O tla hatakelwa, dintho tsa hao di hapuwe kamehla, ho se motho ya o namolelang.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ