Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka baka la hobane Abrahama a utlwile lentswe la ka, mme a bolokile mekgwa ya ka, le ditaelo tsa ka, le ditaolo tsa ka, le melao ya ka.


Haele rona, Jehova ke Modimo wa rona; ha re a mo furalla; baprista ba etsang tshebeletso ya Jehova ke bara ba Aarone, le bona Balevi ba mosebetsing wa bona;


Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.


Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.


le dikandelare, le dilampi tsa tsona tsa kgauta e hlwekileng tse hotetswang ka taelo ya teng pela serapello;


Tseo o tla di hlabela aletareng ke konyana tse pedi tse lemo se le seng, ka tsatsi le leng le le leng, kamehla yohle.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


Ha le a ka la boloka ntho tsa ka tse halalelang tseo ke neng ke di beile matsohong a lona, la mpa la bea baditjhaba bao ho ba etsa balebedi sehalalelong sa ka, ba ntho tseo ke di beileng ho lona, tulong tsa lona.


Karolo eo e halalelang e tla ba ya baprista, bara ba Tsadoke, ba nnileng ba boloka seo ke neng ke se beile ho bona, ba sa kang ba kgeloha, mohla bana ba Iseraele ba kgelohang, le mohla Balevi le bona ba kgelohang.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.


Etsang hona: Inkeleng dipitsa tsa dibano, lona boKore le ba letshwele la hae kaofela;


Ha leru le ne le duladula halelele hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, mme ba ne ba sa tlohe.


kamoo e leng mokgwa wa boprista kateng, a abelwa ho kena tempeleng ya Morena ho tjhesa dibano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ