Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele rona, Jehova ke Modimo wa rona; ha re a mo furalla; baprista ba etsang tshebeletso ya Jehova ke bara ba Aarone, le bona Balevi ba mosebetsing wa bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Empa haele rona, Morena ke Modimo wa rona, mme ha re a mo furalla. Baprista ba sebeletsang Morena ke bara ba Arone, mme ba thuswa ke Balevi tshebeletsong ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.


Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.


Yaba ke a ba hlwekisa, ka ba lahlisa tsohle tseo e leng tsa baditjhaba, mme ka bea tsohle kamoo baprista le Balevi ba neng ba tshwanetse ho di lebela kateng, e mong le e mong tshebeletsong ya hae,


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ