Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse ha Jehova a bona hobane ba ikokobeditse, lentswe la Jehova la tlela Shemaia, la re: Ba ikokobeditse, nke ke ka ba timetsa; ke se ke tla etsa hore ba phonyohe, mme kgalefo ya ka ha e ka ke ya tshollelwa hodima Jerusalema ka Shishake;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Eitse ha Morena a bona hore ba ikokobeditse, lentswe la Morena la fihla ho Shemaya, la re: “Erekaha ba ikokobeditse nke ke ka ba timetsa, ke tla ba namonamolela, mme nke ke ka sebedisa Shishake ka ho hlatsetsa kgalefo ya ka hodima Jerusalema, ka neelana ka yona ho Shishake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:7
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


Eitse ha Roboame a ikokobetsa, kgalefo ya Jehova ya mo kgutlela, a se ke a mo timelletsa ruri; hape, taba tse ding tsa Bajuda di ne di le molemo.


Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.


Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.


A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.


a re: Eyang, le mpotsetse Jehova bakeng sa ka le bakeng sa masala a Iseraele le Juda, hodima dipolelo tsa buka e fumanweng; hobane kgalefo ya Jehova e tsholletsweng rona e kgolo, ka baka la hobane bontata rona ba sa ka ba boloka lentswe la Jehova, ho etsa ka tsohle tse ngodilweng bukeng ena.


Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.


Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao.


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ