Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba moporofeta Shemaia o ya ho Roboame le ho dihlooho tsa Juda tse neng di bokanetse Jerusalema ka baka la ntwa ya Shishake, a re ho bona: Jehova o re: Le mphuraletse, le nna ke le furaletse, ke bile ke le neetse matsohong a Shishake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Yaba moporofeta Shemaya o fihla ho Rehoboame, le ho mahosana a Juda, a neng a kgobokane Jerusalema ka baka la ho tshaba Shishake, mme a re ho bona: “Morena o bua tjena: ‘Le mphuraletse, ka baka leo, le nna ke tla neelana ka lona matsohong a Shishake.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:5
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Empa lentswe la Modimo la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Empa lentswe la Jehova la tlela Shemaia, monna wa Modimo, la re:


Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.


empa Jehova a ke ke a mo tlohella matsohong a hae, a ke ke a mo tswa ha a ahlolwa.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Setjhaba sena, leha e le moporofeta, kapa moprista, ha ba o botsa, ba re: Tshenolo ya Jehova keng? O ke o ba bolelle seo tshenolo e leng sona, o re: Ke tla le lahla, ho bolela Jehova.


Ke mekgwa ya hao le diketso tsa hao tse o hlahiseditseng ntho tseo; ke bolotsana ba hao; ho a baba, ho ntse ho kena ho fihla pelong ya hao.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ