Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a tla, a ena le makoloi a sekete se nang le makgolo a mabedi le bapalami ba dikete tse mashome a tsheletseng, a ena le batho ba fetang palo, Balibia le Basukke le Baethiopia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa makgolo a supileng a makoloi, le bapalami ba kete tse mashome a mane; a bolaya le Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, a shwela hona teng.


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Jehova a qhala Baethiopia pela Asa le Bajuda; Baethiopia ba baleha.


Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale.


Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.


Ha ke re, Baethiopia le Balibia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangatangata? Leha ho le jwalo, kahobane o ne o itshetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Bakushe, Baputhe, Balude, le Baarabia kaofela, le Bakube le bana ba lefatshe la selekane, ba tla wa ka lerumo hammoho le bona.


O tla ikgapela maruo a dikgauta le a disilefera, le a tsohle tse lakatsehang tseo Egepeta a nang le tsona; Balibia le Baethiopia ba tla latela mehlala ya hae.


Bakushe ba matla a maholo, le Baegepeta ba sa balweng, Baphuthe le Balube e be e le batlatsi ba wona.


Palo ya makgotla a ba kaletseng ke dimilione tse makgolo a mabedi; hobane ke ne ke utlwe palo ya bona.


Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.


Ba ne ba tla ka mehlape ya bona le ditente tsa bona, ba tle ba le ka ka ditsie, ba se na ho balwa, bona le dikamele tsa bona; mme ba ne ba senya lefatshe.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ