Oho, Jehova, Modimo wa bontata rona Abrahama, Isaaka le Iseraele, o nne o boloke kamehla pelong tsa setjhaba sa hao mokgwa oo wa mehopolo ya bona, mme o tiiselletse dipelo tsa bona ho wena.
Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona.
Leha ho le jwalo, ho kile ha fumanwa ntho tse ntle ho wena, tsa kamoo o fedisitseng diashera kateng lefatsheng, le kamoo o sekamisitseng pelo ya hao kateng hore e batle Modimo.
ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.
Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.
Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!
Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.