Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane borena ba Roboame bo tiiswe, le yena ha a iphile matla, a furalla molao wa Jehova, le Baiseraele bohle ba etsa jwalo le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Hoba mmuso wa Rehoboame o tsitse, mme a imatlafatse, yena le setjhaba sohle sa Iseraele ba furalla molao wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 12:1
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele bana ba Iseraele ba ahileng metseng ya Juda, ba buswa ke Roboame.


Haele Roboame, mora Salomone, ya eba morena wa Juda. Roboame o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa; a busa ka lemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, motse o neng o kgethilwe ke Jehova hara metse yohle ya meloko ya Iseraele, ho bea lebitso la hae teng. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.


Mme ho tla thwe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bona, ya ntshitseng bontata bona naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse: ke ka baka leo Jehova a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.


Le bona Bajuda ha ba ka ba boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa bona; le bona ba ya ka mekgwa eo Baiseraele ba e entseng.


Ba tiisa mmuso wa Juda jwalo, mme ba natlafatsa Roboame, mora Salomone, ka lemo tse tharo; hobane ba fela ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Salomone ka dilemo tse tharo.


A nna a etsa ka kelello, a qhalanyetsa bara ba hae bohle dinaheng tsohle tsa Juda le Benjamine, metseng yohle ya diqhobosheane, a ba nea dijo tse ngata, mme a ba batlela basadi ba bangata.


Bolella Roboame, mora Salomone, morena wa Juda, le Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le Benjamine, o re:


Morena Roboame a ipha matla Jerusalema, a nna a busa; o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng Jerusalema, e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile hara meloko yohle ya Iseraele, ho bea lebitso la hae ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?


Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


O lahlile Lefika le o entseng, o lebetse Modimo o o tswetseng.


Hohle moo ba neng ba futuhela teng, letsoho la Jehova le ne le ba lwantsha, jwalokaha Jehova a ne a boletse, le jwalokaha Jehova a ne a ba anetse; mme ba eba tsietsing e kgolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ