Ho qala nakong eo Amatsia a neng a lesitse ho latela Jehova, batho ba mo fetohela Jerusalema; a balehela Lakishe, ba mpa ba mo phallela Lakishe, ba mmolaela teng.
Kamora tseo, Sankeribe, morena wa Assiria, a re a sa thibeletse Lakishe a ena le makgotla a hae wohle, a romela bahlanka ba hae Jerusalema, ho Esekiase morena wa Juda le ho Bajuda bohle ba Jerusalema, ba re:
Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.
Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.
Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.