Ba bararo ba dinatla tse mashome a mararo, ba theoha, ba fihla ho Davida, lehaheng la Adullame, mohla ho kotulwang; ntwa ya Bafilesta e ne e emisitse sekgutlong sa Barefaime.
Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.