Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;
Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.
Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.
Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.
Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.