Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A nna a etsa ka kelello, a qhalanyetsa bara ba hae bohle dinaheng tsohle tsa Juda le Benjamine, metseng yohle ya diqhobosheane, a ba nea dijo tse ngata, mme a ba batlela basadi ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 A sebetsa ka bohlale, bara ba hae bohle a ba ntsha motse, a ba bea diterekeng tsohle tsa naha ya Juda le ya Benjamine, motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A ba nea dijo tse ngata, a ba a ba nyadisa le basadi ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:23
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.


Roboame a bea Abija, mora Maaka, ya kapele ho ba bang, hore e tle e be hlooho ya banababo; hobane o ne a rata ho mo etsa morena.


Roboame a nna a dula Jerusalema; a haha metse ya diqhobosheane Juda.


Eitse hobane borena ba Roboame bo tiiswe, le yena ha a iphile matla, a furalla molao wa Jehova, le Baiseraele bohle ba etsa jwalo le bona.


Ntata bona o ne a ba neile dimpho tse ngata tsa silefera le kgauta, le dintho tsa bohlokwa, hammoho le metse ya diqhobosheane naheng ya Juda; mmuso wona o ne a o neile Jorame, kahobane e ne e le yena wa letsibolo.


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ