2 Dikronike 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)16 Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE16 Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.
Ha ekaba lefatshe leo le le ruileng le ditshila, ha le keng le tshelele lefatsheng le ruilweng ke Jehova, moo tabernakele ya Jehova e emeng teng, mme le nke lefa hara rona; le mpe le se ke la fetohela Jehova, hape le se ke la fetohela rona, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona.