Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 o ne a ikgethetse baprista ba dinqalo tse diphahameng ho hlabela diphooko le manamane ao a neng a a entse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Jeroboame a itlhomamisetsa baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ba sebeletsang medingwana ya diphooko, le ba sebeletsang manamane ao a a bopileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


A etsa matlo nqalong tse phahameng, a bea ba bang baprista hara setjhaba sohle, bao e seng bana ba Levi.


Leha ho le jwalo, Jeroboame ha a ka a fapoha tsela ya hae e mpe; a boela a bea baprista ba nqalo tse diphahameng hara setjhaba sohle; mang le mang ya ratang, o ne a mo kgetha hore e be moprista wa nqalo tse diphahameng.


o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.


Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.


Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.


Moshe a boela ho Jehova, a re: Oho, tjhaba sena se sitilwe ka tshito e kgolo, ha se iketseditse modimo wa kgauta.


Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane!


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ