Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 mme motseng o mong le o mong a bea dithebe le marumo; a etsa metse e thata haholoholo. Haele Juda le Benjamine, e ne e le ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Motse o mong le o mong a o hlomella ka dithebe le ka marumo, a o matlafatsa haholo. Ba morabe wa Juda le wa Benjamine ba ba tlasa puso ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 11:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.


Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.


Haele bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda, Roboame ya eba morena wa bona.


A e haha ka thata, a bea balaodi ho yona, le mediko ya dijo, ya ole le ya veine;


Haele baprista le Balevi ba neng ba le kahohle Iseraeleng, ba tloha naheng tsa bona, ba phuthehela ho yena.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Josafate a ya a ntse a hola, a ba a phahama haholo. A haha diqhobosheane le metse ya mediko naheng ya Juda.


A ipha matla, mme a tsosa lerako lohle le dikgeo, a le phahamisetsa ho le fihlisa ditoreng, mme a haha lerako le leng kantle ho lona; hape a matlafatsa Millo motseng wa Davida, mme a etsa dibetsa tse ngata le dithebe tse ngata.


Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ