Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A mpa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 10:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


a re ho bona: Le tla nnea keletso efe, mme re tla araba setjhaba ka efe karabo, kamoo se mpoleletseng kateng, sa re: Qephisa joko eo ntatao a neng a re jarisitse yona?


erekaha le bile la nyedisa keletso ya ka, le sa ka la sekehela kgalemelo ya ka tsebe;


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Mamela keletso, o amohele tayo, o tle o hlalefe isao.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.


Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.


Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!


Ho madimabe bana ba ithatafatsang, ho bolela Jehova, ba rerang taba, empa e seng ka nna, ba etsang dilekane, empa e seng ka moya wa ka, ba tle ba eketse sebe hodima sebe;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ