Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 a bua le bona ka keletso ya banna ba batjha, a re: Ntate o ne a le jarisitse joko e boima, nna ke tla e ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 A se araba ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 10:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a ba araba ka thata; morena Roboame a lesa keletso ya banna ba baholo,


Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.


Mehopolo ya ba lokileng e lokile, empa merero ya ba babe ke e thetsang.


Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.


Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!


Mme o tsejwa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke yena e tla ba monga mesebetsi yohle ya ka eo ke ikgathaleditseng yona, eo ke e entseng ka bohlale tlasa letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.


Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.


Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.


Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.


Di na le mehatla e jwaloka ya diphepheng, le ditsenene, mme matla a tsona a ho hlokofatsa batho ka dikgwedi tse hlano a mehatleng ya tsona.


Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.


Tsa laelwa hore di se ke tsa ba bolaya, di mpe di ba hlokofatse ka dikgwedi tse hlano; mme bohloko ba tsona bo ne bo le jwaloka bohloko ba phepheng, ha e hlabile motho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ