Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Areka ya Modimo yona, Davida o ne a e latile Kiryathe-Jearime, a e tlisa moo a neng a e lokiseditse tulo; hobane o ne a e hlometse tente Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 1:4
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.


Davida a tloha, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, a ya Baale-Juda, ho lata areka ya Modimo teng, eo lebitso la Jehova wa makgotla ya dutseng pakeng tsa dikerubime le bitswang ho yona.


Davida a ikgahela matlo motseng wa Davida, mme a lokisetsa areka ya Modimo ditulo, mme a e hlomela tente.


a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.


Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.


Empa ke o hahetse ntlo hore o ahe teng le setulo seo o tla dula ho sona ka ho sa feleng.


Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ