Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 1:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba lefatshe lohle ba ne ba etela Salomone ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.


Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.


Jehova a phahamisa Salomone haholoholo mahlong a Baiseraele bohle, mme a mo nea borena bo kganyang boo ho neng ho eso ho be morena wa Iseraele ya kileng a ba le bo jwalo pele.


Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe jwalo ka moeno le ka bohlale.


Ha ke re, ke ka tse jwalo Salomone, morena wa Iseraele, a kileng a sitwa? Hara ditjhaba tse ngata, ho ne ho se morena ya kang yena; hape o ne a ratwa ke Modimo wa hae, mme Modimo o ne o mo entse morena wa Baiseraele bohle; empa leha ho le jwalo, basadi ba baditjhaba ba ne ba mo sitise.


ka ba motho e moholo, ya ruileng ho ena le mang kapa mang ya bileng teng pele Jerusalema, hape le hlalefo ya ka ya sala ho nna.


Efela ha Modimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ya ho di ja le ho ingwathela ho tsona le ho thabela mosebetsi wa hae, hoo ke mpho ya Modimo;


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ