Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hape, ha re a ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebeditse motshehare le bosiu ka thata le ka kgathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Le gone ga re a ka ra ja senkgwe sa ope fela; re mpa re sebetsa ka matsapa le ka matsapa bosiu le motsheare, re tle re se ke ra imetsa leha e le ofe wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Le gone ga re a ka ra ja senkgwe sa ope fela; re mpa re sebetsa ka matsapa le ka matsapa bosiu le motsheare, re tle re se ke ra imetsa leha e le ofe wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 3:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re dumelle ho ya Jordane, re nke teng e mong le e mong sefate, mme moo re ikgahele ntlo eo re ka dulang ho yona. A re: Eyang.


Haele ho neng ho apehelwa tsatsi le leng le le leng, ke ne ke apehelwa kgomo e nngwe le dinku tse tsheletseng tse kgethilweng le dikgoho; le veine e ngata e mefutafuta, ka leshome le leng le le leng la matsatsi. Leha ho le jwalo, bakeng sa tseo, ha ke a ka ka batla bohobe ba mmusisi, kahobane tshebeletso ena e ne e le boima hodima setjhaba sena.


O alosa ntlo ya hae, ha a je bohobe ba botswa.


o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


Kahobane e ne e le motho wa mosebetsi o le mong le bona, a dula ha bona, a ntse a sebetsa; hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho etsa ditente.


Mme le a tseba e le lona hobane matsoho ana a sebeditse se neng se hlokwa ke nna le ke bao ke neng ke na le bona.


Re kgathala ke ho sebetsa ka matsoho a rona; leha re sejwa, re hlohonolofatsa ba bang; leha re hloriswa, re mameletse.


Hleka ha re na tokelo ya ho ja le ya ho nwa na?


Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.


Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.


Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.


Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.


Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;


Ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothatsa ka Morena wa rona Jesu Kreste, hore ba sebetse ba kgutsitse, mme ba je bohobe boo e leng ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ