Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Haele ka lona, re tshepile ka baka la Morena hoba le etsa tseo re le laelang tsona, le hoba le ya nne le di etse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena o re fa tshepo ya hore le ntse le etsa, mme le tla nne le etse seo re le laelang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Mme re na le tshepo ho Morena malebana le lona, hore le etsa tseo re le laelang tsona, mme le tla di etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme re na le tshepo ho Morena malebana le lona, hore le etsa tseo re le laelang tsona, mme le tla di etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 3:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Haele nna, banabeso, ke a tshepa hore le lona le tletse molemo, le hoba le tletse le tsebo yohle, mme le hona le ka tseba ho eletsana.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.


Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.


Leha ke ne ke le ngolle jwalo, e ne e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka swabiswa ke bao ke tshwanetseng ho thabiswa ke bona; kamoo ke ntseng ke le tshepile kaofela kateng, hobane thabo ya ka ke ya lona bohle.


etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.


Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.


Haele nna, ke le tshepile Moreneng hore le ke ke la ba le kgopolo esele; empa ya le ferekanyang o tla fihlelwa ke kahlolo, leha e ka ba mang le mang.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Mme le fela le etsa jwalo ho baena bohle ba Masedonia yohle; re mpa re le kgothatsa, banabeso, hore le ke le hole leratong leo.


Ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothatsa ka Morena wa rona Jesu Kreste, hore ba sebetse ba kgutsitse, mme ba je bohobe boo e leng ba bona.


Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.


Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ