Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 3:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Leha ho le jwalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngwanabo lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Empa le se ke la mo nka e le sera, le mpe le mo eletse jwaloka ngwanabo lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa le se ke la mo nka e le sera, le mpe le mo eletse jwaloka ngwanabo lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 3:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.


Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.


Ke ngola taba tseo, e seng ho le hlabisa dihlong, empa ke a le lemosa, kaha le le bana ba ka ba ratwang.


ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.


Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.


Empa lona, banabeso, le se ke la kgathala ho etsa hantle.


Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.


Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ