Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ekare ha e mong a sa utlwe mantswe a rona a lengolo lena, eo le mo kgethe, mme le se ke la kopana le yena, a tle a be le dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ekare ha e mong a sa utlwe lentswe la rona le lengolong lena, le mo hlokomele, mme le se ke la ikopanya le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ekare ha e mong a sa utlwe lentswe la rona le lengolong lena, le mo hlokomele, mme le se ke la ikopanya le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 3:14
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


Apesa difahleho tsa bona ka dihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova.


Ana ha ke a ka ka mamela mantswe a ba neng ba nthuta keng, le ho sekehela baruti ba ka tsebe?


Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.


Ha o mamele lentswe, ha o amohele kgalemelo, ha o tshepe Jehova; ha o atamele ho Modimo wa wona.


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


Ke ngola taba tseo, e seng ho le hlabisa dihlong, empa ke a le lemosa, kaha le le bana ba ka ba ratwang.


Empa jwale, ke le ngolla hore le se ke la kopana le ya ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ya lakatsang leruo, leha e le ya rapelang medimo, leha e le moetselletsi, kapa letahwa, kapa leshodu; ya jwalo, le ho ja, le se no ja le yena.


Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi;


Mme re itokiseditse ho kgalemela ho se utlwe hohle, mohla kutlo ya lona e phethehang.


etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.


Ka baka leo, leha a hopola kutlo ya lona bohle, le kamoo le mo amohetseng kateng, ka tshabo le ka thothomelo, lerato la hae ho lona le ntse le eketseha.


O tla hopola hobane o bile mofo Egepeta, o boloke melao eo, mme o etse ka yona.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Etlere ha lengolo lena le badilwe ha heno, le bone hore le balwe le kerekeng ya Laodisea; mme le lona le bale le tswang Laodisea.


Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.


Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.


Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.


Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;


Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ