Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka baka leo, Modimo o tla ba romela moya wa bokgelohi, ba tle ba kgolwe leshano,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Ka baka leo, Modimo o tla ba romela thetso e matla, hore ba dumele leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka baka leo, Modimo o tla ba romela thetso e matla, hore ba dumele leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 2:11
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha mong a hae a utlwa polelo tsa mosadi wa hae; tseo a mmolellang tsona ka ho re: Mohlanka wa hao o nkentse ka hore hoitseng, bohale ba hae ba tuka.


O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.


Hobane ba le porofetela leshano, hore ke tle ke le kgannele hole le lefatshe la lona, ke le lahle, ke le timetse.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Ha o ntse o batlelwa dipono tsa lefeela, o ntse o etsetswa bonohe ba leshano, le tla o lahlela ditopong tsa ba babe ba bolailweng, bao letsatsi la bona le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella.


Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata.


Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ