Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele tsa ho tla ha Jesu Kreste Morena, le tsa ho phuthehela ha rona ho yena re a le rapela, banabeso, re re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Jwale, banabeso, re a le rapela ka ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ka ho phuthehela ha rona ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jwale, banabeso, re a le rapela ka ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ka ho phuthehela ha rona ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 2:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.


Ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela hae; mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwaloka modisa ha a kgetha dinku ho dipodi.


Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.


Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?


a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.


Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ