Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 hoo le rona ka borona re ithorisang ka lona diphuthehong tsa Modimo ka baka la mamello ya lona le tumelo ya lona dihlorisong tsohle tsa lona le ditsietsi tseo le di mamellang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hoo le rona ka borona re ithorisang ka lona diphuthehong tsa Modimo ka baka la mamello ya lona le tumelo ya lona dihlorisong tsohle tsa lona le ditsietsi tseo le di mamellang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 1:4
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


Empa ha re lebela seo re sa se boneng, re se lebella ka sebete.


Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Hobane, leha ke ne ke ithorise ka lona pela hae, ka hore ho itseng, ha ke a ka ka swaba ke hona; empa jwalokaha re ne re le bolelle nnete tabeng tsohle, le hona ho ithorisa ha rona ka lona pela Tite ho fumanwe e le nnete ka sebele.


Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.


hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.


Esere, leha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fihlela le eso ho lokise, ra tla ra hlajwa ke dihlong — ha ke sa re lona — tabeng eo re kileng ra ithorisa ka yona.


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;


Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?


Morena a ke a lebise dipelo tsa lona leratong la Modimo le mamellong ya Kreste.


Hobane le tshwanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ya Modimo, le tle le ntoo kotula tseo le di tshepisitsweng.


le tle le se ke la fetoha ba botswa, le mpe le be balatedi ba ba ruileng dipallo ka tumelo le ka sebete.


Mme Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neilweng seo a neng a se baletswe.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi,


Ke moo ho tla bonahala mamello ya bahalaledi, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ya bona ho Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ