Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 eo ponahalo ya hae e tlang ho hlahiswa nakong ya teng ke eo e leng ya lehlohonolo, ya matla a nnotshi, Mmusi wa babusi le Morena wa marena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Seo o tla se bonahatsa mehleng ya hae, eo e leng yena ya hlohonolofaditsweng, ya Matla a le mong, Morena wa marena, le Morena wa marena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Seo o tla se bonahatsa mehleng ya hae, eo e leng yena ya hlohonolofaditsweng, ya Matla a le mong, Morena wa marena, le Morena wa marena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 6:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.


Rorisang Morena wa marena: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Hobane Jehova, Mookamedi ya phahameng, o tshwanelwa ke ho tshajwa; ke yena Morena e moholo wa lefatshe lohle.


Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka.


Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Hobane, Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo wa medimo, le Morena wa marena, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o sa tadimeng tshobotsi ya motho, o sa amoheleng dimpho,


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!


ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng,


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ