Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke o laela pontsheng ya Modimo o phedisang ntho tsohle, le pontsheng ya Jesu Kreste ya pakileng nnete ka boipolelo ba bokgabane pela Ponse Pilato, ke re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 6:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.


Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.


Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le yena Mora hore a be le bophelo ka ho yena;


ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.


Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle.


Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,


Ke o laela pela Modimo le Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore taba tseo o di ele hloko, mme o se ke wa phaka wa ahlola, leha e le ho ya ka tshobotsi.


Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ