1 Timothea 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE11 Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT11 Empa wena, monna wa Modimo, o balehe dintho tsena; mme o latele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le bonolo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202411 Empa wena, monna wa Modimo, o balehe dintho tsena; mme o latele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le bonolo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao.
A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.