Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 5:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Kgaotsa ho nwa metsi feela, o mpe o nwe le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la ho kula hangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 O se ke wa hlola o enwa metsi, o mpe o nwe veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la mefokolo ya hao e atisang ho ba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 O se ke wa hlola o enwa metsi, o mpe o nwe veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la mefokolo ya hao e atisang ho ba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 5:23
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le veine e thabisang pelo ya motho, le ole e kgantshang sefahleho sa hae, le bohobe ba tiisang pelo ya motho.


Ha ho moprista ya tla nwa veine, ha a kena lebaleng le kahare.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.


E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;


Bahlanka ba kereke le bona e be banna ba bokgabane, ba se ke ba eba le maleme a mabedi, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso:


Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho;


Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ