Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane Lengolo le re: O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola. Hape le re: Ya sebetsang o tshwanelwa ke moputso wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Mangolo a re: “E polang ha e tlangwe molomo.” Hape a re: “Ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Hobane Lengolo le re: O se ke wa tlama kgomo molomo ha e pola. Hape, ho thwe: Mosebetsi o lokelwa ke moputso wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane Lengolo le re: O se ke wa tlama kgomo molomo ha e pola. Hape, ho thwe: Mosebetsi o lokelwa ke moputso wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 5:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.


leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona, seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang hodima Elia, kamoo a llileng ho Modimo kateng, ka Iseraele, a re:


Hobane Lengolo le reng? Le re: Abrahama a dumela ho Modimo, mme a ballwa tumelo eo hoba ke ho loka.


Hobane Lengolo le itse ho Faro: Seo ke o hlahisitseng ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng lohle.


Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.


Mme lengolo, ka ho iponela pele hoba Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, le boleletse Abrahama Evangeli eo pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ