Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Banna ba Ashdode, ha ba bona hobane ho jwalo, ba re: Areka ya Modimo wa Iseraele e ke ke ya dula hara rona, etswe letsoho la hae le le boima hodima rona, le ho Dagone, modimo wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ha banna ba Ashedode ba bona se etsahalang, ba re: “Areka ya Modimo wa Baiseraele e ke ke ya dula hara rona, hobane Modimo o re otla habohloko, rona le modimo wa rona Dagone.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 5:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing leo, Davida a tshaba Jehova, a re: Areka ya Jehova e ka tla jwang ha ka?


Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.


Bahlanka ba Faro ba re ho yena: Monna eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neneng? Lokolla batho bao, ba tle ba ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa bona. Na ha o eso ho lemohe hobane Egepeta e senyehile na?


Baegepeta ba horohosa setjhaba ka matla, ba se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: Re tla shwa kaofela.


Yaba Faro o re: Ke tla le lokolla, le tle le ye ho hlabela Jehova, Modimo wa lona, lefeelleng; empa le se ke la ya hole hakakang; nthapelleng.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.


Hobane, erekaha o itshepetse diketso tsa hao le matlotlo a hao, le wena o tla hapuwa, Kemoshe a iswe kgolehong, hammoho le baprista ba hae le ba baholo.


Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.


Empa letsoho la Jehova la eba boima hodima ba Ashdode; a senya, a otla ba Ashdode le ba mathoko a teng ka diso.


Yaba ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Re tla etsang ka areka ya Modimo wa Iseraele? A araba, a re: Areka ya Modimo wa Iseraele a e ke e iswe Gathe. Mme areka ya Modimo wa Iseraele ya iswa teng.


Ebile banna ba Behte-Shemeshe ba re: Ho ka ema mang pela Jehova, Modimo oo o halalelang? Areka e tla ya ho mang, ha e tloha ho rona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ