Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 29:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Davida a re ho Akishe: Ke entseng, mme o fumaneng ho mohlanka wa hao, haesale ke le pela hao, ho fihlela la kajeno, ha ke sa lokele ho ya lwantsha dira tsa morena, monga ka na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Yaba Davida o re ho Akishe: “Empa ke entseng? Ho tloha ka letsatsi leo ke fihlileng ka lona mona, ho fihlela kajeno, o fumane phoso efe ho mohlanka wa hao, hoo nke keng ka ya lwantsha dira tsa monga ka, kgosi ya ka?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 29:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


Davida a re: Ke entseng jwale? Molato o kae, ha ke bua jwalo?


O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?


A eketsa a re: Ho ya kang ha monghadi wa ka a phallela mohlanka wa hae? Na ke entseng? bobe ke bofe letsohong la ka na?


Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.


Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka.


Ha ho le jwalo, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa halefisa marena a Bafilesta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ