Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Davida, ha a utlwa hoba Nabale o shwele, a re: Ho bokwe Jehova ya mpheteleditseng ho Nabale, bakeng sa ho nyatsuwa ha ka, ya thibetseng mohlanka wa hae, hore a se ke a etsa hampe. Efela Jehova o buseditse bobe ba Nabale hloohong ya hae. Davida a ntoo romela ho bua le Abigaile, hore o tla mo nka, e be mosadi wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:39
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Morena a eketsa a re ho Shimei: O tseba bolotsana bohle ba hao, le pelo ya hao e a bo tseba, boo o bo entseng ntate Davida; jwale, Jehova o busetsa bokgopo ba hao hloohong ya hao.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae.


Bolotsana ba hae bo tla wela hodima hlooho ya hae, bokgopo ba hae bo wele phatleng ya hae.


O kgalemela ditjhaba, o timetsa bakgopo, o hlakola lebitso la bona kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.


Ya fumaneng mosadi wa sebele o fumane lehlohonolo, o filwe mpho ya mohau ke Jehova.


Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.


hoba Jehova o emela nyewe tsa bona, mme ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo.


Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole.


Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.


Re na le kgaitsedi e monyenyane ya esong ho be le matswele; re tla etsang ka kgaitsedi ya rona, mohla a hopolwang?


Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.


Empa ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe le hanyenyane; e seng hore re bonahale hoba re ba lokelwang ke ho amohelwa, empa e le hore le etse hantle, leha rona re ka ba jwaloka hoja re se na ho amohelwa.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Bokang Jehova! hobane banaila ba eteleditse Baiseraele pele ntweng, le sona setjhaba se itlisitse teng ka ho rata.


Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Ebile Davida o re ho Abigaile: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o romileng kajeno lena ho tla nkgahlanyetsa!


Efela, ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o etsa hampe, hojane o sa ka wa phakisa, wa tla nkgahlanyetsa, Nabale o ba a sa tlo tlolelwa ke monna le a mong ha bo esa.


Bahlanka ba Davida ba tla ho Abigaile, Karmele, ba mmolella, ba re: Davida o re rometse ho wena, o re, o inkela wena o be mosadi wa hae.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ