Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:36
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.


Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Abnere a tla ka taba tsena ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi, mme Davida a etsetsa Abnere la banna ba hae mokete.


Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.


Ho lehlohonolo ya fanang, ya adimanang; nyewe ya hae e tla emelwa kahlolong.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


Seboka se etsetswa thabo, veine e thabisa ba phelang, ka ditjhelete ho fihlelwa tsohle.


Moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime o tla hatakelwa ka maoto.


Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Hape, a re ho ya mmitsitseng: Enore ha o etsa mmoka wa motshehare, leha e le wa ho lalla, o se ke wa bitsa metswalle ya hao, leha e le banabeno, leha e le ba heno, leha e le barui bao o ahisaneng le bona; esere mohlomong le bona ba o bitsa, ba ananya tsa hao.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.


A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, nna ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna wa hae Nabale.


Hosasa, Nabale ha a hlaphohetswe ke veine, mosadi wa hae a mo phetela ditaba tseo. Ebile pelo ya hae e shwa kahare ho yena, a fetoha ntho e kang lejwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ