Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ho bokwe le kelello ya hao, ho bokwe le wena, hobane o nthibetse kajeno, hore ke se ye ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:33
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Ekare ha leshodu le tshwarwa le phunya, mme le bolawa le eshwa, ha ho molato wa madi ho ya le bolaileng.


Thuto ya motho ya bohlale ke sediba sa bophelo ho phephisa batho mamena a lefu.


Motho ya kelello o utlwa kgalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuwa ha lekgolo.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Pitsa ya lesehla e qhibidisa silefera, sebopi se bedisa kgauta; motho a leke jwalo molomo o mo rorisang.


Ya kgalemelang batho, hamorao o tla ratwa haholo ho fetisa ya ba qekisang.


Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.


Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


ha ke re, taba eo ya ho ya tsholla madi, ho se molato, le ho iphetetsa, e tla ba kgopiso ho wena le ntho e hlabang pelo ya monghadi na? Etlere hobane Jehova a o etsetse hantle, monghadi, o tle o hopole lekgabunyane la hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ