Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:28
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


leha e le jwaloka mohla ke neng ke laeleditse baahlodi setjhaba sa ka sa Iseraele. Haele wena, ke o phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hao; hape Jehova o a o bolella hore Jehova o tla o etsetsa ntlo.


Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.


Hobane, oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao wa re: Ke tla o hahela ntlo. Ke ka baka lena, ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho bea thapelo ena ho wena.


A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


teng ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao Iseraeleng kamehla, jwalokaha ke boleletse ntatao Davida, ka re: Ha o ka ke wa hloka motho teroneng ya Iseraele.


leha e le jwaloka mohla ke neng ke beile baahlodi ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele; ke kokobeditse dira tsa hao tsohle, mme ke o tsebisitse hore Jehova o tla o hahela ntlo.


Hobane ke wena ka sebele, Modimo wa ka, o senoletseng mohlanka wa hao hore o tla mo hahela ntlo: ke ka baka leo ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho, bea thapelo pela hao.


A re: Mamelang, lona, Bajuda bohle, le lona, baahi ba Jerusalema, le wena, morena Josafate! Ho itswe ke Jehova: Se tshabeng, mme le se ke la tepeletswa ke sera se seholohadi seno, hobane ntwa hase ya lona, ke ya Modimo.


Jehova, Modimo wa ka, ha ke entse ho hong, ha bokgopo bo le matsohong a ka,


Ke tla etsa moloko wa hae hore e be o sa feleng, mme terone ya hae e ya nne e tiye ha mahodimo a ntse a le teng.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.


Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.


Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.


Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.


Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.


Akimeleke a arabela morena, a re: Hleka ke mang ho bahlanka bohle ba hao ya kang Davida ka bokgabane? Ebile ke mokgwenyana wa morena, ya ntseng a tsamaya ka taelo ya hao, ya hlomphuwang ka tlung ya hao.


Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!


A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.


O ke o ntlhapanyetse jwale ka Jehova hobane ha o ka ke wa timetsa bana ba ka ba ntlhahlamang, leha e le ho fedisa lebitso la ka tlung ya ntate.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.


Marena a Bafilesta a mpa a re: Baheberu bao ba etsang moo? Akishe a re ho marena a Bafilesta: Na eo hase Davida, mohlanka wa Saule, morena wa Iseraele, ya nnileng a dula le nna, e se e le ditshiu tse itseng le lemo tse itseng, eo ke esong ho fihlele molato ho yena, haesale a kwenehela ho nna, ho fihlela la kajeno?


Eitse ha Davida a fihlile Tsiklage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda le ho bahabo, a re: Ke yona kgapiso ya ka ho lona ya tse hapilweng ho dira tsa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ