Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 “Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa re ho yena torong: Le nna ke a tseba hobane o entse hoo ka pelo e hlwekileng, mme ke bile ke o thibetse hore o tle o se ke wa ntshitelwa; ke ka baka leo ke sa kang ka o lesa le hore o mo ame.


Morena a re ho Kushi: Ana mohlankana Absalome o sa pholohile na? Kushi a re: Dira tsa morena, monga ka, le bohle ba o kwenehelang hore ba tla ba o hlahisetse bobe, ba be jwaloka mohlankana eo.


Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.


Hobane dipitsa di tlale, a re ho mora hae: Ntlisetse pitsa e nngwe hape; empa a re ho yena: Ha ho sa le pitsa. Yaba ole e a kgaotsa.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


O mo etsa hantle, e seng hampe, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.


Ho tla nkwa lentswe la thohako ho bona ke ba kgoleho kaofela ba Juda ba leng Babilona, ba tla re: Jehova a ke a o etse jwaloka Tsedekia le jwaloka Akabe, bao morena wa Babilona a ba tjhesitseng mollong.


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.


Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


Yaba Jonathane o hlaba selekane le ntlo ya Davida, a re: Jehova a pheteletse Davida ho dira tsa hae.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Davida a ntoo tloha teng, a ya Mitspe wa Moabe, a re ho morena wa Moabe: Ntate le mme ba ke ba tle, ba dule le lona, ke be ke tsebe seo Modimo o tla nketsa sona.


Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.


Davida, ha a utlwa hoba Nabale o shwele, a re: Ho bokwe Jehova ya mpheteleditseng ho Nabale, bakeng sa ho nyatsuwa ha ka, ya thibetseng mohlanka wa hae, hore a se ke a etsa hampe. Efela Jehova o buseditse bobe ba Nabale hloohong ya hae. Davida a ntoo romela ho bua le Abigaile, hore o tla mo nka, e be mosadi wa hae.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ