Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:25
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, morena, monga ka, a se ke a lekanya hore ekaba ho shwele bara bohle ba morena; ho shwele Amnone a nnotshi.


Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe.


Molotsana ha a sa tla bitswa motho ya hlomphehang, mothetsi a ke ke a bitswa motho ya bokgabane.


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.


A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ