Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:23
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


Ha ho le jwalo, mosadi eo wa Tekowa a tla, a bua le morena; a fihla a inamela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Thusa, morena!


Yaba Akimaatse o hoeletsa, a re ho morena: Tsohle di lokile! A inamela fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya neetseng matsohong a hao banna ba kwenehetseng morena, monga rona.


Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!


Davida a fihla ho Ornane; Ornane, eitse ha a tadima, a bona Davida, mme a tswa seotlong, a inamela fatshe ka sefahleho pela Davida.


Mme ha a tlile ho monna wa hae, a mo phehella hore a kope tshimo ho ntatae; ebile Aksa o theoha hodima esele ya hae kapele, mme Kalebe a re ho yena: O batlang?


Aksa ha a fihla hae, a susumetsa monna wa hae hore a qele tshimo ho ntatae. Ebile Aksa o theoha eseleng ya hae, mme Kalebe a re ho yena: Taba ya hao ke efe?


Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?


Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.


Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.


A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.


Ebile o ema, a inamela fatshe ka sefahleho, a re: Ke nna enwa lekgabunyane la hao, ke be mofo ya hlatswang maoto a bahlanka ba monghadi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ