Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Davida o ne a qeta ho re: “Ruri ke sebeleditse ntata selala ka ho baballa tsohle tseo monna enwa a neng a ena le tsona kwana lehwatateng, hoo a sa kang a lahlehelwa ke letho la tsohle tsa maruo a hae. Jwale o mputsitse ka bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:21
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?


ke bana ba mahlanya, ke bana ba ba se nang lebitso; ba lelekilwe lefatsheng hara batho.


O kokobetse bohale ba hao, o tele kgalefo, o se ke wa hlora; ebe etlaba o etsa bobe.


Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.


Ya busetsang botle ka bobe, bosoto bo ke ke ba tloha tlung ya hae.


Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;


Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.


Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.


Hobane, ha ekaba ke thato ya Modimo hore le utlwiswe bohloko, ho ka fetisa hore le bo utlwe le ntse le etsa hantle, e seng hampe.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Davida a re ho banna ba hae: E mong le e mong a nke sabole ya hae. E mong le e mong a nka sabole ya hae, le Davida a nka sabole ya hae; ba tloha, ba ya le Davida, e batlile e eba batho ba makgolo a mane, ha sala ba makgolo a mabedi le diphahlo.


Athe banna ba Davida ba ne ba re entse hantle haholo; ha ba ka ba re tshwenya, le rona ha re a ka ra timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo re nnileng ra tsamaya le bona naheng.


Ebile o kalla esele, mme ha a theoha moo tsela e potellang thabeng, yaba e se e le ha Davida le banna ba hae ba theoha, ba tla kgahlana le yena, mme a teana le bona.


Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ