Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 14:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinohame, moradi wa Akimaatse. Lebitso la molaodi wa makgotla a hae e ne e le Abnere, mora Nere, rangwana Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Ahinoame, moradi wa Ahimase; lebitso la molaodi wa mabotho a hae e le Abinere, mora wa Nere, rangwana Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 14:50
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Morena a boela a re ho bahlanka ba hae: Na ha le tsebe hobane kajeno ho wele morena, motho e moholo Iseraeleng na?


Ha ba ntlo ya Saule ba ntse ba lwana le ba ntlo ya Davida, Abnere a ipha matla tlung ya Saule.


hammoho le tsohle tse neng di kgethetswe Jehova ke Samuele seboni, le Saule, mora Kishe, le Abnere, mora Nere, le Joabe, mora Tseruja, le mang le mang, tsohle tseo tse neng di kgethetswe Jehova, tsa bewa bolebeding ba Shelomithe le banababo.


wa mothapo wa bobedi wa Manasse, Gileade, e ne e le Jiddo, mora Sakaria; wa Benjamine e ne e le Jaasiele, mora Abnere;


Rangwana a Saule a ba botsa yena le mohlankana wa hae, a re: Le ne le ile kae? A re: Re ne re ile ho batla diesele, ra mpa ra se ke ra di bona, ra ba ra ya ho Samuele.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Davida a tloha, a fihla moo Saule a emisitseng teng; Davida a bona le moo Saule a robetseng teng, ba ena le Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a hae, Saule a robetse mahareng a diahelo, setjhaba se emisitse se mo teetse hare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ