Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 14:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Ebile Saule o re: Lona bohle balaodi ba setjhaba, atamelang mona, le tle le tsebe, mme le bone bobe na ke bofe bo entsweng kajeno;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 14:38
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa re: Tjhe, o ke ke wa ya; hobane leha re baleha, ba ke ke ba re letho ka rona; leha halofo ya rona re ka shwa, le teng ba ke ke ba re letho ka rona; athe wena o ka leshome la dikete tsa rona; ho ka ba hotle jwale, leha o ka re tlatsa o etswa motseng.


Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.


Ho yena Juda ho tla tswa lejwe la ntlha, ho yena ho tswe kgokgwane, ho yena ho tswe seqha sa ntwa, ho tla tswa le ho yena babusi kaofela hammoho.


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;


Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.


Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.


Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ