Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 14:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, setjhaba se sitelwa Jehova ka ho jellela le madi. A re: Le fela le tlotse; mphikolosetseng lejwe le leholo hona jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Jwale ha bolellwa Saule, ha thwe: “Bona, setjhaba se sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi!” Saule a re: “Le mahlabaphiyo! Phikolosetsang lejwe le leholo lena ho nna mona, hona jwale!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 14:33
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba yona, ke ho re, madi a yona.


Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Le se ke la jellela letho le madi. Le se ke la upella, mme le se ke la noha.


Le ke ke la ba la ja madi le hanyenyane, meahong ya lona kaofela; leha e le a dinonyana, leha e le a tse maoto a mane.


Ya ka jang madi afe le afe, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Moikaketsi, qala hle ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana leihlong la ngwaneno.


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.


Feela, le ke ke la ja madi; o mpe o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Feela o iponele, o se ke wa ja madi: hobane madi ke moya; ha o na ho ja moya hammoho le nama;


Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Yaba Saule o re: Eyang le setjhaba, le bolelle e mong le e mong hore a tlise mona ho nna kgomo ya hae le nku ya hae, a e hlabe mona, a e je; le se ke la sitelwa Modimo ka ho jellela le madi. Bohle ba setjhaba ba tlisa e mong le e mong kgomo ya hae bosiung boo, mme ba di hlabela teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ