Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Ka holim’a tsohle le ratane ka lerato le matla, hobane lerato le koahela libe tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka holim’a tsohle le ratane ka lerato le matla, hobane lerato le koahela libe tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hloyo e hotetsa dikomang, empa lerato le apesa ditshito tsohle.


Ya lewatla o hlahisa bohale ba hae feela; empa ya masene o pata tshito ya ya mo sitetsweng.


Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.


Ya arabang a eso ho utlwe, o bontsha bothoto ba hae, o ipakela dihlong.


Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke jwaloka koporo e llang, leha e le simbala e modumo o moholo.


Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose.


Kahodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.


Mme Morena a le hodise, mme a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, jwalokaha re le rata le rona,


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;


Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.


eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


Moratuwa, ke rata hoba o atlehe nthong tsohle, mme o iketle mmeleng wa hao, jwalokaha moya wa hao o atlehile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ