Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho se ke ha eba e mong hara lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya ikenyang tabeng tsa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Empa ho se ke ha eba e mong ho lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyang ditabeng tsa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa ho se ke ha eba e mong ho lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyang ditabeng tsa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha leshodu le tshwarwa le phunya, mme le bolawa le eshwa, ha ho molato wa madi ho ya le bolaileng.


Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.


Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;


Athe re utlwa hobane ba bang ba heno ba tsamaya ka mokgwa o hanwang ke molao; ha ba sebetse, mme ba kena ditabeng tseo e seng tsa bona.


Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.


e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;


Hobane, ha ekaba ke thato ya Modimo hore le utlwiswe bohloko, ho ka fetisa hore le bo utlwe le ntse le etsa hantle, e seng hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ